MATSHWAO: 100
NAKO: dihora tse 2½
Pampiri ena e na le maqephe a 7.
PAMPIRI YA 3 (P3)
KEREITE YA 12
DITAELO HO BAHLAHLOBUWA
Pampiri ena e arotswe DIKAROLO TSE THARO, e leng:
KAROLO YA A: Moqoqo 
KAROLO YA B: Ditema tsa kgokahano tse telele 
KAROLO YA C: Ditema tsa kgokahano tse kgutshwane 
Bala ditaelo TSOHLE ka hloko.
Bahlahlobuwa ba lokela ho araba potso e le NNGWE karolong e nngwe le e nngwe.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Mohlahlobuwa o tlameha ho etsa moralo wa ho ngola (ka ho iketsetsa mmapa wa monahano, daekramo, tjhate e bontshang tatellano ya mehopolo kapa ho etsa feela lenane la dintlhakgolo tseo a tlang ho ngola ka tsona). Mohlahlobuwa o lokela hore a be a lekole botjha mosebetsi wa hae ka ho o bala hape, ho o nahanisisa, ho o hlaola diphoso, le ho nehelana ka sehlahiswa se phethetsweng. Ha mohlahlobuwa a hlaola diphoso a sebedise potloloto/pensele. Moralo o etswe ditemeng tsohle.
Meralo yohle e totobatswe hantle hore ke meralo, pele ho hlahiswa tema e ngolwang.
Mohlahlobuwa o eletswa ho sebedisa metsotso e 80 a araba KAROLO ya A, metsotso e 40 KAROLONG ya B le metsotso e 30 a araba KAROLO ya C.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo feela ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya dipotso.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang.
Bolelele ba ditema tse hlahiswang e be:
KAROLO YA A: Moqoqo - mantswe a 400 - 450
KAROLO YA B: Ditema tsa kgokahano tse telele - mantswe a 180 - 200
KAROLO YA C: Ditema tsa kgokahano tse kgutshwane - mantswe a 100 - 120
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
KAROLO YA A: MOQOQO
POTSO YA 1
Kgetha sehlooho se le SENG mme o ngole moqoqo wa bolelele ba mantswe a 400 ho isa ho a 450. Hopola ho etsa moralo jwalo ka ha ho boletswe le ho boela o bala moqoqo hape ho lokisa diphoso.
Dikolo tse ngata Afrika Borwa di thulana le bothata ba baithuti ba tlang dikolong ba kwetlile dibetsa. Lefapha la Thuto le sisintse hore baithuti ba phenyekollwe pele ba kena meahong ya dikolo. Tshisinyo ena e arotse setjhaba dikoto tse pedi: sekoto se seng se re e ntle mme e tla tlisa tshireletso e hlokehang dikolong, athe se seng sona se re ke tshisinyo e mpe hoba se e bona e le kgahlanong le ditokelo tsa botho. Ngola moqoqo moo o hlahisang mahlakore a mabedi a kgang ka sehlooho sena: Baithuti dikolong ba lokela ho phenyekollwa.
KAPA
Baithuti ba Kereite ya 12 ba selemo sena ba a tshepisa; ba sebetsa hantle. Sekolo se se se ile sa ba etsetsa mokete wa semetletsa wa tumediso ya bona ka lebaka la tshebetso ena ya bona e tshepisang. O moithuti wa Kereiti ya 12 sekolong sena mme o ne o le teng mohla letsatsi leo le leholo. Ngola moqoqo mme o phete ka moo mokete oo o ileng wa tsamaya ka teng. Sehlooho sa moqoqo e be, Nke ke ka lebala tsa ona mokete.
KAPA
Mafelong a selemo sena o tla fihlella sepheo sa hao sa pele sa tseo o ikemiseditseng ho di fihlella bophelong ba hao; o tla be o qetela dithuto tsa hao tsa makgaolakgang tsa Kereite ya 12. O sa ntse o na le maikemisetso a maholo; o lakatsa ho fihlella tse itseng bophelong ba hao. Ngola moqoqo oo ho wona o qaqisang dipheo tsena tsa hao le ka moo o ikemiseditseng ho di fihlella ka teng. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be: 'Tseo ke di labalabellang bophelong kamora Kereiti ya 12.
KAPA
Ke dilemo tse leshome le metso e mehlano Afrika Borwa e ne e fumane demokerasi. Le ha ho le jwalo demokerasi e na le diphephetso tsa yona; kajeno re na le batho le mekgatlo e lwanelang le ho sireletsa ditokelo tsa diphoofolo. E dumela hore batho ba sotla le ho bolaya diphoofolo ka sehloho. Ebe diphoofolo di na le ditokelo tse lokelang ho sireletswa? Wena o e bona jwang taba ee ya ditokelo tsa diphoofolo? Ngola moqoqo oo ho wona o hlahisang ntlhakemo ya hao tabeng ena. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be: Na diphoofolo di na le ditokelo?
KAPA
Afrika Borwa e tobane le bothata ba bananyana ba tsamayakang mebileng ka phirimana ba hweba ka mebele ya bona ka ho kena diketsong tsa thobalano. Sena se beha maphelo a bona tsietsing e kgolo. Ngola moqoqo ka sehlooho sena: Tsietsi eo banana ba hwebang ka mebele ba iphumang ba le ho yona.
KAPA
Lefu la kwatsi ya bosollahlapi kapa phamokate (HIV) le utlwisa bohloko mme le tetebetsa batho ba bangata maikutlo. Lebaka la sena ke tlhokeho ya pheko ya lefu lena. Se nyahamisang le ho feta ke ho re tlhahisoleseding le dipalopalo tse ipetsang kgafetsa masedinyaneng, di bontsha hore lefu lena le ntse le nama ho e na le ho re le ye ka theko. Ngola moqoqo oo ho wona o lokodisang mabaka a etsang hore lefu lena le name Afrika Borwa. Sehlooho sa moqoqo e be: 'Mabaka a ho nama ha lefu la HIV le AIDS Afrika Borwa.
KAPA
Hlahlobisisa setshwantsho se ka hodimo ebe o etsa qeto hore se bolela eng. Ha o se o fihletse qeto eo, ngola moqoqo oo ka wona o bolelang seo setshwantsho se se hlalosang. Neha moqoqo wa hao sehlooho.
KAPA
Hlahlobisisa setshwantsho se ka hodimo ebe o etsa qeto hore se bolela eng. Ha o se o fihletse qeto eo, ngola moqoqo oo ka wona o bolelang seo setshwantsho se se hlalosang. Neha moqoqo wa hao sehlooho.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A:
KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO TSE TELELE
POTSO YA 2
Kgetha mme o ngole tema e le nngwe ya bolelele ba mantswe a 180 ho isa ho a 200 (dikahare feela). Hopola ho etsa moralo wa tema ya hao, le ho boela o e bala hape ho lokisa diphoso.
Bukana ya hao ya Boitsebiso eo e leng kgale o e emetse e fihlile. Ho fihla ha yona ho o memetse maswabi ho e na le thabo. Bukana ena e na le diphoso tse nyekisang pelo. Sefane sa hao se ngotswe hantle empa mabitso ona ke ao o qalang ho a bona. Athe senepe sona ke sa motho eo o sa tsebeng hore o phela ho lefe lefatshe. Boemo bona bo tjena ba ditaba bo tla thisisa merero ya hao ya selemo se tlang. Ngolla mookamedi wa Lefapha la tsa Selehae lengolo leo ho lona o itelang ka diphosohadi tsena.
KAPA
Lenaneo la mmuso le thusang batjha ho iqalla mesebetsi, le thusitse mokgatlo wa lona ka dikeletso le ditjhelete tse entseng hore le ithehele kgwebo ya ntlo ya baeti. Ntlo ena ya baeti e sebakeng se setle, se haufi le ditshebeletso tse ngata. Le elelletswe hore batho ba bangata ha ba so tsebe ka ntlo ena ya lona ya baeti. Ka lebaka lena mokgatlo o o kopile ho ngola broutjhara bo hlakileng, bo nang le dintlha tse tsebisang le tse hohellang baeti le setjhaba ka kakaretso kgwebong ena ya lona.
KAPA
O mongodi mokgatlong o hlokomelang bana ba dikgutsana motseng wa heno. Le sa tswa ba le kopano ya kgwedi, moo le neng le buisana, hara tse ding ka thuso e fuwang mokgatlo ke borakgwebo le polokeho ya dikgutsana tsena moo di dulang teng. Ngola metsotso ya kopano ya tsatsing leo. Metsotso e be le lenanetsamaiso le nang le dintlha tse 3 (ho sa balellwe dintlha tsa lenanetsamaiso tse tlwaelehileng) tse ntjha ho kenyeleditswe tse pedi tseo o seng o di filwe.
KAPA
Sekolo sa heno e bile se seng sa tse itlhommeng pele pokelletsong ya dithuso tse neng di etsetswa mahlatsipa a ditlhaselo tse neng di lebisitswe ho baditjhaba. Ka lebaka leo sekolo sa heno se ile sa kotjwa ho kgetha baithuti ba leshome, ba tla thusa mekgatlo e fapaneng ho aba dithuso tseo dikampong tse pedi tsa mahlatsipa ao. Jwalo ka ha o ne o le e mong wa baithuti bao, mosuwehlooho o o kopile ho ngola tlaleho/raporoto e qaqisang ka botlalo maemo dikampong tseo le kamoo dithuso di ileng tsa ajwa kateng.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B:
KAROLO YA C: DITEMA TSA KGOKAHANO TSE KGUTSHWANE
POTSO YA 3
Kgetha mme o ngole tema e le nngweya bolelele ba mantswe a 100 ho isa ho a 120. Hopola ho etsa moralo wa tema ya hao, le ho boela o e bala hape ho lokisa diphoso.
Motseng wa heno moo o leng lekhanselara teng, baahi ba jella kgwebeleng sa leeba. Botlokotsebe bo jele setsi. Lekgotla la motse mmoho le sepolesa sa selehae, ba rerile ho epa pitso mabapi le taba ena. Ngola phousetara e tsebisang baahi ka pitso eo. Dintlha tsohle tsa bohlokwa di totobatswe phousetareng eo.
KAPA
Lebenkele la batswadi ba hao le neng le ruthuthilwe ke mollo, le boetse le tsositswe mme le bile le letle ho feta pele. Kgweding ena e tlang ho tla be ho entswe mokete wa semetletsa wa ho le bula. Ngola karete ya memo eo ka yona o memelang motswalle wa hao moketeng oo.
KAPA
Mokopi wa sekgeo sa mosebetsi seo khampane ya hao e neng e se phatlaladitse, o lokela ho tla tlhahlobong/inthaviung e malebana le sekgeo seo sa mosebetsi. O founne a bolela hore ha a tsebe sebaka seo khampane ya lona e leng ho sona. Mo ngolle o mo nehe ditshupiso tse tla mo tataisa hore a fihle hantle khampaneng eo ya hao. Ditshupiso tseo o mo nehang tsona di mo tataise hantle ho tloha boemelong ba dibese (renkeng) mme di be le matshwao a kang meaho, mabitso a diterata jj a tla etsa hore a fihle ha bonolo ho lona.
KAPA
Ho fihlile moditjhaba ya ratang ho ithuta mokgwa wa ho pheha wa Basotho. Moditjhaba eo o kopa ho hlalosetswa hore papa e phehwa jwang. Ngola ditaelo moo o hlalosang hore papa e pehwa jwang. Qala moo o behang pitsa ifo.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C:
MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA:
